Motsemoholo wa Kgauta wa Foreisetata o ka sebeletsa bohle hape.

Issued by George Michalakis – DA Leader in Parliament
28 Oct 2026 in Op-Ed

Ka 2013, Palamente e lekotse tlaleho ya Fivaz e mabapi le tsamaiso e mpe ya masepala wa Matjhabeng o neng o eteletswe pele ke ANC. Bobodu bo neng bo fuputswe ke ba ho tloha ka 2007, le bona ka tlasa ANC. Tlaleho ya bontsha tshebediso e mpe ya dibilione tse pedi tsa diranta ya boqhekanyetsi ba tjhelete e sa kang ya lefuwa masepala. Dimilione tsa diranta tse sebedisitsweng empa ho se bopaki bo ngotsweng hantle.

Ho bile le taba ya hore Majoro wa nako eo, hona jwale ke letona, Mathabo Leeto, o sebedisitse dimilione tse R1,5 ho ntlafatsa tsheriletso ntlong ya hae le diqoso tsa thendara ya boqhekanyetsi ya dibilione tse R2 e ne eteletswe pele ke Motsamaisi wa Masepala (mofu) Benny Malakoane. Diqoso di kenyeletsa tjotjo le  dimilione tsa R15 tse fuweng khapani ya fotokhopi le puisano-tsa-mehala. Le ha ho sa ba le katleho diqosong tseo, taba ena ha e ya fela empa ya hulwa lekgotleng hobane boqosi bo ile ba nka nako e telele. Ho ile ha ba le sello ho tswa setjhabeng, ka nepo hobane ho sebedisitswe tjhelete ya balefi ba lekgetho ho tshireletsa baqosuwa bana.

Mmuso wa ANC boemong ba profense bo qoswa ka ho se phatlalatse tlaleho eo ya Fivas setjhabeng le ho pata taba eo. Baetapele ba kgale ba ANC ba na le kamano le Matjhabeng. Masepala ona ha o tloha o beilwe tlasa tsamaiso. E tswetse pele ANC bo busa mona ho fihla kajeno

Dilemo tse 16 ka tatelano, masepala ona ha e sa le o hlwauwa e le o mong wa dimasepala tse tsamaisang hampe ka ho fetisisa Afrika Borwa. O kolota Eskom Dibilione tse R7 le lekgotla la metsi Dibilione tse R19, e hodimo ka ho fetisisa naheng. O lahlehelwa ke dimilione tse R 208 phanong ya motlakase, le tahleho ya metsi ya boleng ba dimilione tse R418 ka selemo.

Nahana feela, tjhelete ena e ka be be e ahile matlo a 1880 a nang le ditshebeletso.

Ho tlatseletsa, dikoloi tsa masepala kaofela di ile tsa nkuwang ka baka sekoloto sa dimilione tse R200 se sa patalwang. Ho a bonahala masepala a sitwa ho lokisa kapa ho thota matlakala. Ha se hore baahi ha ba bona phapang. Ba sentse dibilione tse R4 ka ho se latele melao ya tshebediso ya tjhelete.

Ho mpefatsa maemo ka ho fetisisa, ba nang le dikamano le ANC ba lefilwe mekgolo e phahameng ya dithotsela e le karolo ya EPWP e fetang R30 000.00 ka kgwedi ha batho ba bangata ba hloka mosebetsi, ba se na le ya ho reka borotho. Tlhotlhoba ya lenane la tefo ya basebetsi ya utulla lethathamo la basebetsi ba dithotsela le khiro e sa latelang molao le boradipolotika ba iphetang.

Ho teng hape sekoloto se kolotwang masepala,  moo basebetsi ba kolotang diketekete tsa diranta. Bakoloti ba babedi ba ka hodimo, e mong o kolota dimilione tse R1.28 le R950 000. Ha ba lelekwa. Masepala o patetse dimilione tse R3.2 ho  lefa tshebetso ya kamora dihora tsa tshebetso ka Hlakola 2026 feela.

Ke ena tsela eo ANC e tsamaisang Matjhabeng ka teng, ha dikgwerekgwere di phalla malapeng a batho, mebileng e meholo le e menyane e tletse mekoti, re se ra bue mabone a sa sebetseng le metsi a fumanehang dihora tse itseng feela tsa letsatsi le teng moo baahi ba leng lehlohonolo la ho a fumana.

Masepala o iphapanya taelo tsa lekgotla le ditlaleho tsa Motshireletsi wa setjhaba le mmuso wa profense wa ANC o hloleha ho kena dipakeng. E la ba DA e nkileng bohato ho ya makgotleng ho hatella hore leano le be teng la hore maemo a ditjhelete a lokiswe. Leano leo ha le so kene tshebetsong ka ho phethahala hobane lekgotla la ANC le a le thibela.

Ka bokgutshwenyane: Boradipoloti ba Matjhabeng ba qetile tjhelete ya baahi, ha ba na taba le ho lokisa masepala. Mmuso wa ANC wa profense ha e sa le shebeletse ka dilemo o sa etse letho. Ke mora taelo ya lekgotla e entsweng ke DA mo lekgotla le ileng la bewa tlasa tsamaiso. Tsena di etsahetse e le hore ANC e etse hloko dillo tsa batho.

Matjhabeng e lokela ho ba motsemoholo wa kgauta wa Foreisetata hape. Batho ba Matjhabeng ba lokelwa ke ditshebeletso tsa motheo, toropo e sebeletsang batho kaofela le toropo e fanang ka seriti le mesebetsi ya matheo. Tsena di tla etsahala le ha e le kamora nako mohla ANC e tlositsweng mmusong.

Ho hlokahala mehato ya motheo hore tsena di tle di etsahale. Pele ho fumanwe Motsamaisi wa Masepala a nepahetseng le batsamaisi ba tsebang mosebetsi. Ba tla tswela pele ho sebeletsa masepala ba tla hlahlojwa ke lekgotla. Ho latele mehato ya ya netefatsa basebetsi, dithotsela di tloswe, ba kolotang masepala ba hlahelle, mokgwa wa ho lefisa le ona o tsepame. Tjhelete e bokellwang bakeng sa metsi le motlakase e behellwe ka thoko ho etsa mosebetsi oo. Masepala a sebetse mmoho le Sepolesa ho fedisa tshebediso ya motlakase e seng molaong.

Lekgotla le fetise moralo wa ditjhelete o nepahetseng. Tjhelete e sebedisitswe mabaka a bohlokwa feela e leng phano ya ditshebeletso, ho latele kaho ya marangrang a motheo. Ba fanang ka ditshebeletso masepaleng le bona ho hlahlojwe, na ditshebeletso tsa bona ke tsa boleng.

Masepala a kene ditumellanong le borakgwebo ba ikemetseng le mafapha a fapaneng ho lokisang marangrang a motheo. Moo lefapha la Tjhelete le faneng ka tjhelete e lokela ho sebediswa e se kgutlele morao. Masepala ona o kgutliseditse R176.5 m morao e ne tshwanetse ho thusa mafutsana le R33 m ya metsi.

Re qetella ka hore Majoro o lokela ho bua le ho bula metjha ya dipuisano le borakgwebo le baahi. Bao ke bona bathei ba mesebetsi e hlokahalang Matjhabeng. Batho ba dikgwebo ba tla tsetela dibilione Matjhabeng mona hobanele bona ba batlaho ho bona Matjhabenge atleha le hore ba tlo lahlehelwa ho feta ha e ka  se atlehe. Ba tla etsa sohle se matleng a bona ho etsa masepala a sebetse.

DA e tla etsa sena. Ke  mosebetsi o meholo haholo o sa tlo hloka baetapele bo tshepahalang feela empa setjhaba se nyoretsweng ho bona toropo e sebeletsa bohle. Hona ho ka etsahala e bile ke tshepo ya rona.  Bana ba Matjhabeng, batjha ba batlang mosebetsi, boMme le boNtate ba lokelang ho fepa ba malapa a bona, baahi ba hodileng ba Matjhabeng ha no kgona ho mamella tshenyo ya ANC ya dilemo tse ding tse 5 hape. Ke nako ya busetsa sereti. E seng feela ho toropo empa ho motho e mong le emong e bitsang hae.